11 July 2009

O jwang?

Ka tlhaho o sehlekehleke,
Hlekehleke baka se hara metsi,
Hara metsi ha habo mmamolapo le kganyapa,
Shaka le leruarua ba sa sale morao.

Ha mmila o ntse o puta wa fetoha,
Wa fetoha moleko mohlorisi wa Maaforika,
Maaforika a lwanelang toka le nnete,
Nnete e reng tsa bo bona di boye sekwele.

Empa jwale nna o a mmakatsa nneso,
Hantlentle o jwang moleko towe?
Hoba batho ha o aka wa ba tshwara ka ho tshwana,
O bile le dithatohatsi le ba nenwang.

Maoba o tshwere ba tshwanang batho,
O tshwere dikwete,banna ba sebele,
Banna ba neng ba lwanela toka le nnete,
Maaforika sebele ho qeta.

Ho kgutleng ha bona ha ba aka ba tshwana,
Tshobotsi ne di fapane haholo,
Bang eka be ne ba ile paradeising,
Ha ba bang eka ba tswa diheleng.

Hantlentle o jwang moleko towe ?
Hoba bang ba kgutlile e le dikwete,
Ba shahlile bala le hlakile,
Eka hodimo ba le bone ka mahlo.

Mpolelle hle o jwang?
Hoba bang ba kgutlile e le mehoboko,
Ba qhiletsa maoto a feletse ho wena.
Matsoho le menwana ha re sa bua.

Hapehape ke sa o botsa weso,
Hantlentle o jwang motswalle?
Bang ebile mokete mohlang o ba lesang.
Ha ba bang o ba lahletse Qwaqwa ho itshokolela.

Hantlentle o jwang moleko towe?,
Bang esale o ba nka,
Le kajeno re sa ba lebelletse,
Kapa o ba entse dithotsela na re tsebe.

Mpolelle monna o jwang ?
Hoba bang ka sehloho o ba fenethile,
Matsohong a hao ba shwetse sehloho.
Tjhefo a ba file tse tabolang mala.
© Teboho Mahapa

6 voices:

kahawaMoto said...

Ummm... Translation maybe?

Rethabile said...

I will ask the poet, a contributor to Poéfrika, if he can translate.
:-)

phomolo said...

May I also give the translation a try? Could you assist me secure permission from the writer?

Rethabile said...

Phomolo,
Ke mo rometse molaetsa ka mohala. Ke kholoa hore o tla re araba ka potlako.

kahawaMoto said...

so i'm guessin i won't get to see the translation...?

Rethabile said...

kahawaMoto,
I hope we do get to read the poem in English as well.
:-)